31/12/2025
A NA U TSEBA MELEMO EA VITAMIN C?
Hona ke eng VITAMIN C?
BALA U UKOE!
VITAMIN C e tsebahalang hape ele ASCORBIC ACID, ke le leng la matsoai-tlatsetso a bohlokoa haholo 'meleng oa motho.
Ka bomali-mabe, batho ha ba t'soane le liphoofolo tse ling tse kang linonyana, lintja, likatse etc, ha ba khone ho itlhahisetsa vitamin c 'meleng ea bona, ke ka lebaka lena re lokelang ho lula re tlatsetsa ka ho e nka lijong kapo ele pilisi(supplement) hobane ha re sa etse joalo ha re tlo fumana melemo ea eona ebile ho feta mona retlo kula.
MELEMO EE KE EFE?
1. E thusa 'mele ka ho bopa masole a bitsoang LYMPHOCYTES ka bongata eleng ma special force a 'mele kaha ana le mekhoa e bohlale haholo ea ho loant'sa mafu.
2. E hlokisa lichefo tse bitsoang FREE RADICALS matla. 'Mele ha o ntse o sebetsa ho choatla le ho sebelisa lijo(metabolism), hoba le li chefo tse hlahang tse ka bakang mathata a mangata a kang:
• Botsofali(batho ba nang le tsona ka bongata ba tsofala kapele kaha li senya litho tsa 'mele tse kang letlalo, ke tsona tse bakang masoebe/wrinkles), •Mofet'se(cancer)
2. E thusana ka tlhahiso ea karoloana ea 'mele e bitsoang COLLAGEN "eleng letsopa le bopang likarolo tse ngata tsa 'mele tse kang masapo(bones), methapo ea mali(blood vessels) , letlalo (skin), mesifa(tendons,muscles,ligaments), lefufuru la manonyeletso(cartilage of articular joints) le liphio(kidneys).
Ha VITAMIN C e fokola likaroloana tsena liba le mathata kaha collagen e tlabe e fokola. Ke mo motho a ka bang le letlalo le omeletseng, le masoebe(wrinkles), litlhokonyane(goosebumps-like rash called hyperkeratosis), masapo le manonyeletso a bohloko, marenene a tsoang mali(bleeding gums) hobane methapo e sena matla joalojoalo.
2. E thusana ka tlosa bot'so (hyperpigmentation) letlalong ka ho sitisa tlhahiso ea lero le bitsoang MELANIN eleng lona le etsang letlalo lebe let'so.
U ka e sebelisa ha 'moho le TURMERIC kaha ena le curcumin e etsang mosebetsi o t'soanang.
4. E thusana ka tlhahiso ea maro a kang adrenaline le noradrenaline eleng ona a qhatsehang nakong ea stress. Ha ona le stress sa nako e telele, u qhatsa maro ana ka bongata 'me seo se etsa h**e 'mele o sebelise vitamin c e ngata ho e ka qetelletseng e felile 'meleng.
5. E thusana ka tlhahiso ea lero le leng le bitsoang CARNITINE le sebetsanang le h**e u be le matla a lifefo. Vitamin c ha e fokola leng la mat'soao ke ho hloka matla.
6. E thusana ka ho kenya letsoai le bitsoang t'sepe(Iron) 'meleng eleng lona le thusanang ka tlhahiso ea mali a mafubelu (red blood cells).
Vitamin c ha e fokola u kaba le t'sepe e tlase(ANEMIA).
7. E t'sereletsa mahlo khahlanong le khanya ea letsatsi , kaho e fumaneha ka bongata ka hare ho mahlo.
8. E thusana ka pholo ea maqeba kaha e hlahisa COLLAGEN eleng eona e rokang maqeba, haholo ha e tsamaea le Letsoai-tlatsetso le bitsoang ZINC
KE LINTHO LI FENG TSE AMANG T'SEBELISO EA LETSOAI-TLATSETSO LEE?
■ Tsoekere (glucose) : Vitamin c le tsoekere li kena ka masobana a t'soananng (GLUCOSE TRANSPORTERS 1,3 &4) ka ho lika tseka masoba. Qoba hoja limatlafatsi(papa, bohobe,rice setampo,litapole, tsoekere ea mofuta ofe kapo ofe) hong le vitamin c.
■JOALA: Bo sitisa vitamin c ho kena 'meleng
■ Dose: Ha u e nka ele Letsoai-tlatsetso(supplement) seke o nka ka bongata ka nako ele 'ngoe ka sena se etsa h**e e se kene. Khothaletso ke h**e u e noe hanyane empa hangata(small but frequent doses).
Vitamin c u ka e fumana hape lijong tse kang meroho e metala. Ela hloka h**e e t'saba mocheso o holimo ka ha e ea shoa kapo hona ho felloa ke boleng, kaho; seke oa pheha meroho ka mollo o holimo kapo nako e telele(5-10 minutes).
Empa setlama se nang vitamin c e fetang tsohle ke ROSEHIP (ROSA/MOROBEI/KHUNOANE). haholo lithotse tseno tsa eona.
HOPOLA HO IPABALLA, SELEMO SE SECHA LE MAHLOHONOLO A MACHA😊
RE LEBOHE BOHLE KA T'SEHETSO SELEMONG SENA SE KOLUMELANG KAJENO🙏❤️
MOLIMO A BE LE LONA BOHLE