11/03/2026
Thapelo ea Basotho
Molimo oa leseli oa Rammoloki,
Molimo ak'u re utloe rea rapela,
Molimo e mocha rapela oa khale,
O re rapelle ho e moholo Jere,
Mojari oa lit'sito tsa batho,
Molimo o atla li maroba,
Atla li robokiloe ke ho re shoela,
Atla li ts'oeu tsa Rammoloki Tlhatlha-Macholo,
Li ts'oeu ke ho bopa masea,
A manyenyane libokothoane,
Bo-Nkhono ba llela matlala,
Ba tla a bona kang ba shoele,
Ba tla a bona ka paka tsa
mabitla, Tlhatlha-Macholo,
tlhatlha metsi a etse keleli ea mariha,
Hoba keleling o nchafatsa lichaba teng,
Lichaba li tsoang ho oena 'Mopong,
Li tlang ho boela ho oena meahong.
Leseli.........Khanya.🇱🇸