24/03/2026
Boiphihlelo ho faneng ka lits'ebeletso tsa boleng
Re motlotlo ho phatlalaletsa sechaba e ka sita le bakuli ba rona h**e Laboratori ea St.James Mission Hospital e fumane khothaletso ea tumello ea boleng phanong ea lits'ebeletso tsa bophelo ka mora'o ho ipabola litlhahlobong tse e ntsoeng ho ipapisitsoe le lipehelo tsa machaba tsa SADCAS le ISO 15189:2022 tse sa tsoa etsoa ka la 16-17 Tlhakubele 2026.
Khothaletso e na e supa h**e Laboratori ea rona e fihlela maemo a phahameng a machaba phanong ea lits'ebeletso joalo ka:
1. Liteko tse nepahetseng ebile li ts'epahala
2. Polokeho ea bakuli
3. Boithukhubetso ba basebetsi ba koetlisitsoeng ba laboratori phanong ea lits'ebeletso tsa boleng
Re ananela basebetsi ba rona ba laboratori ka mosebetsi o motle, boitelo le bokhoni ba ho fana ka lits'ebeletso tsa boleng sechabeng ka mehla