12/12/2025
Lilala tse khabane, re le sepetlele sa Paray ka lefapha la rona la lit'sebeletso tsa mantlha tsa bophelo(Primary Health Care) re ngola molaetsa ona Ho lehopotsa nako ena e kholo ea Advent eleng ho itukisetsa hotla hoa morena Mopholosi oa rona Jesu Kriste. Ha nkeng nako ena e le ea thabo re qobeng ka hohle hohle tse ka behang bophelo ba rona tlokotsing. Re thabe ka boikarabello bo boholo re tle re tsebe ho bona selemo se secha sa 2026 na se re tlisetsa likatleho life. Sepetlele sa lona se sebetsa ka matla ho khutlisetsa lit'sebeletso setloaeling ka ho fumana lisebelisoa le litlhare.
Re tla tsibisoa hang ha litaba li se linepahetse. Re le hopotsa h**e lit'sebeletso tsa likotsi, tsa bana, tsa batho ba fumanang lit'sebeletsa tsa litlhare tsa bophelo bohle le bana tsona ntse lifumaneha ka hara sepetlele.
Bakeng sa litlhakisetso re ka letsetsa Office ea Likamano le Sechabe Nomorong tsena 69439036/ 56118781.